13. Hape ba ka sitwa le ho tiisa ditaba tseo ba nqosang ka tsona jwale.
14. Seo nka ipolelang ho wena ka sona, ke sena: Haele thuto eo ba reng ke thuto e kgelohileng, ke fela ke sebeletsa Modimo wa bontate ka yona, ke ntse ke dumela ditaba tsohle tsa molao le tse ngodilweng baporofeteng.
15. Ke na le tshepo ho Modimo, eo le bona ba nang le yona, ya hore tsoho ya bafu e tla ba teng, ya ba lokileng le ya ba sa lokang.
16. Ke ka baka leo ke tiisang matla kamehla hore ke be le letswalo le sa nnyatseng pela Modimo le pela batho.
17. Jwale, kamora dilemo tse ngata, ke tlile ho etsa dithuso le diabo setjhabeng sa heso.
18. Ke moo Bajuda ba bang ba Asia ba mphihletseng tempeleng ke itlhwekisitse, e seng ka ho tsobokanya batho, leha e le ka lerata.
19. Ke bona ba ka beng ba tlile ho nqosa pela hao, ha ekaba ba ne ba na le taba le nna.
20. Le bona bana, a ba ke ba bolele, ha ba fihletse bokgopo bo bong ho nna mohla ke neng ke eme pela lekgotla;
21. haese, ha ba ka bolela lentswe lena le le leng, leo ke le boletseng ka matla ke eme hara bona, ka re: Kajeno ke ahlolwa ke lona ka baka la tsoho ya bafu.
22. Felikse, ya neng a tseba haholwanyane tsa thuto eo, hobane a utlwe taba tseo, a ba beela tsatsi le leng, a re: Etlare ha Lisiase, molaodi wa sekete, a fihlele, ke moo ke tla le ahlolela ditaba tsa lona.
23. Mme a laela molaodi wa lekgolo, hore Pauluse a lebelwe, empa e be ka ho mmaballa, ho se ke ha hanelwa motho ho ba habo ho mo sebeletsa, leha e le ho tla ho yena.
24. Yare hoba ho fete matsatsi a mang, Felikse a tla a ena le Drusilla, mosadi wa hae, e leng Mojuda, mme hobane a bitse Pauluse, a mo mamela ha a bolela tsa ho dumela ho Kreste.
25. Empa ha a ntse a bolela ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tla tla, Felikse a tshwarwa ke ho tshaba, mme a bua, a re: O ka ikela jwale; mohla ke boelang ke bona sebaka, ke tla boela ke o bitse.