1. Eitse hobane ho fete ditshiu tse hlano, ha tla Ananiase, moprista e moholo, a ena le baholo ba bang, le mmoledi e mong ya bitswang Tertullo; mme ba itlhahisa pela mmusisi ho qosa Pauluse.
2. Hobane a bitswe, Tertullo o qala ho mo qosa, a re:
3. Felikse ya kgabane, re ke ke ra lesa ho hopola kahohle le kamehla ka teboho yohle kamoo re nang le kgotso e kgolo kateng, ka wena, le mahlohonolo a hlahetseng setjhaba sena ka paballo ya hao.
4. Empa, ka ho re, ke se ke ka o diehisa, ke a o rapela, ke re: o ke o mamele, ka mosa wa hao, tseo re o bolellang tsona ka mantswe a se makae.
5. Re re, re fihletse monna enwa e le lefu, o ferekanya Bajuda bohle ba ahileng lefatsheng lohle: ke hlooho ya thuto e kgelohileng ya Banasaretha.
6. O bile o lekile ho silafatsa tempele. Re mo tshwere, ra rata ho mo ahlola ka molao wa rona.
7. Empa Lisiase, molaodi wa sekete, a hlaha, a re amoha yena ka matla a maholo,