Diketso 23:8-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Hobane basadusi ba re, ha ho tsoho ya bafu, leha e le lengeloi, leha e le moya; athe bafarisi bona ba dumela tseo kaofela.

9. Jwale, ha etswa lerata le leholo. Bangodi ba emelang bafarisi ba ema, ba araba, ba re: Ha re fihlele bobe leha bo le bong ho motho eo; ha ekaba moya o fela o buile le yena, kapa lengeloi, a re se keng ra lwantsha Modimo.

10. Moferefere ha o tota, molaodi wa sekete a tshaba hore ba tla harola Pauluse, mme a laela bahlabani hore ba theohele, ba mo hlwibile hara bona, le ho mo kgutlisetsa qhobosheaneng.

11. Bosiung bo hlahlamang, Morena a ipontsha ho yena, a re: Tiisa matla, Pauluse, hobane jwalokaha o pakile taba tsa ka Jerusalema, e ka kgona o di pake jwalo le Roma.

12. Eitse hobane bo se, Bajuda ba bang ba etsa morero, mme ba itlama ka ho hlapanya, ba re, ba ke ke ba enwa, leha e le ho ja, ba eso ho bolaye Pauluse.

13. Ba entseng morero oo ba ne ba feta mashome a mane.

14. Ba ya ho baprista ba baholo le ho baholo, ba re: Re ikanne ka ho hlapanya, hore re ke ke ra ja letho, re eso ho bolaye Pauluse.

15. Jwale he, lona le lekgotla, le tsebise molaodi wa sekete hore a tle a mo romele ho lona hosasane, ho be jwaloka hoja le rata ho botsisisa ditaba tsa hae; haele rona, re tla be re setse re itokiseditse ho mmolaya a eso ho fihle.

16. Empa mora wa kgaitsedi ya Pauluse a utlwa tsa morero wa bona; yaba o ya, a kena qhobosheaneng, a di tsebisa Pauluse.

17. Pauluse a bitsa e mong wa balaodi ba lekgolo, a re ho yena: Isa mohlankana enwa ho molaodi wa sekete; hobane o na le taba eo a tla mmolella yona.

Diketso 23