Diketso 23:22-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. Yaba molaodi wa sekete o kgutlisa mohlankana eo, a mo laela, a re: O se ke wa ba wa bolella motho hoba o ntsebisitse taba tseo.

23. Eitse hobane a bitse balaodi ba babedi ba lekgolo, a re ho bona: Lokisang bahlabani ba makgolo a mabedi, le bakalli ba mashome a supileng, le ba diqha ba makgolo a mabedi, ba tle ba ye Sesarea ka hora ya boraro ya bosiu.

24. Le lokise le tse kallwang, tse tla palangwa ke Pauluse, mme a iswe ho Felikse, mmusisi, a pholohile.

25. A ba a ngola lengolo le reng:

26. Klaude Lisiase, ho Felikse, mmusisi ya kgabane, dumela!

27. Bajuda ba tshwere monna enwa, mme ha ba se ba tla mmolaya, ke fihlile le bahlabani, ka ba amoha yena, ha ke utlwa hoba ke Moroma.

28. Mme ka ho rata ho tseba seo ba mo qosang ka sona, ke mo isitse lekgotleng la bona.

29. Moo ke fihletse hoba ba mo qosa ka ditaba tsa molao wa bona, empa ho se molato ho yena o tshwanetseng lefu, leha e le mahlaahlela.

Diketso 23