Diketso 23:15-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Jwale he, lona le lekgotla, le tsebise molaodi wa sekete hore a tle a mo romele ho lona hosasane, ho be jwaloka hoja le rata ho botsisisa ditaba tsa hae; haele rona, re tla be re setse re itokiseditse ho mmolaya a eso ho fihle.

16. Empa mora wa kgaitsedi ya Pauluse a utlwa tsa morero wa bona; yaba o ya, a kena qhobosheaneng, a di tsebisa Pauluse.

17. Pauluse a bitsa e mong wa balaodi ba lekgolo, a re ho yena: Isa mohlankana enwa ho molaodi wa sekete; hobane o na le taba eo a tla mmolella yona.

18. Yaba eo o mo nka, a mo isa ho molaodi wa sekete, a re: Motlamuwa Pauluse o mpitsitse, o kopile hore ke tlise mohlankana enwa ho wena; o na le taba eo a tla o bolella yona.

19. Molaodi wa sekete a mo tshwara ka letsoho, a tswela thoko le yena, a mmotsa, a re: Taba ke efe eo o mpolellang yona?

20. Eo a re: Bajuda ba rerile hammoho hore ba tla o kopa hore o tle o romele Pauluse kgotla hosasane, ba etse jwaloka hoja ba rata ho botsisisa ditaba tsa hae.

21. Empa wena, o se ke wa ba dumela; hobane banna ba fetang mashome a mane ba mo laletse, ba ikanne ka ho hlapanya hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso ho mmolaye; le jwale, ba se ba itokisitse, ba lebeletse karabo ya hao feela.

22. Yaba molaodi wa sekete o kgutlisa mohlankana eo, a mo laela, a re: O se ke wa ba wa bolella motho hoba o ntsebisitse taba tseo.

23. Eitse hobane a bitse balaodi ba babedi ba lekgolo, a re ho bona: Lokisang bahlabani ba makgolo a mabedi, le bakalli ba mashome a supileng, le ba diqha ba makgolo a mabedi, ba tle ba ye Sesarea ka hora ya boraro ya bosiu.

24. Le lokise le tse kallwang, tse tla palangwa ke Pauluse, mme a iswe ho Felikse, mmusisi, a pholohile.

25. A ba a ngola lengolo le reng:

26. Klaude Lisiase, ho Felikse, mmusisi ya kgabane, dumela!

27. Bajuda ba tshwere monna enwa, mme ha ba se ba tla mmolaya, ke fihlile le bahlabani, ka ba amoha yena, ha ke utlwa hoba ke Moroma.

Diketso 23