1. Pauluse a hlaba ba lekgotla ka mahlo, a re: Banna ba heso, ke tsamaile ka letswalo le letle kahohle pela Modimo, ho fihlela tsatsi lena.
2. Yaba Ananiase, moprista e moholo, o laela ba emeng pela hae, hore ba mo phobole molomo.
3. Empa Pauluse a re ho yena: Modimo o tla o phobola, wena lerako le kwetlisitsweng; hobane o duletse ho nkahlola ka molao; athe ha o laela hore ke phobolwe, o tlola molao!
4. Ba leng pela hae ba re: Na o rohaka moprista e moholo wa Modimo na?
5. Pauluse a re: Banabeso, ke ne ke sa tsebe hoba ke moprista e moholo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O se ke wa bua hampe ka morena wa setjhaba sa heno.
6. Jwale Pauluse ka ho tseba hore ba bang ho bona ke basadusi, ba bang ke bafarisi, a phahamisa lentswe hara lekgotla, a re: Banna ba heso, nna ke mofarisi, mora wa mofarisi, ke ahlolwa ka baka la tshepo le la tsoho ya bafu.
7. Eitse hobane a bue jwalo, ha hlaha phapang hara bafarisi le basadusi, lekgotla la ba la kgaohana.
8. Hobane basadusi ba re, ha ho tsoho ya bafu, leha e le lengeloi, leha e le moya; athe bafarisi bona ba dumela tseo kaofela.
9. Jwale, ha etswa lerata le leholo. Bangodi ba emelang bafarisi ba ema, ba araba, ba re: Ha re fihlele bobe leha bo le bong ho motho eo; ha ekaba moya o fela o buile le yena, kapa lengeloi, a re se keng ra lwantsha Modimo.