Diketso 22:18-30 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Ka bona Morena a mpolella, a re: Phakisa o tlohe Jerusalema kapele; hobane ba ke ke ba amohela polelo eo o mpolelang ka yona.

19. Ka re: Morena, ba tseba haholo hobane ke nna ya neng a kenya teronkong, a shapa le masinagogeng ba dumetseng ho wena.

20. Le mohla ho neng ho tshollwa madi a Setefane, paki ya hao, le nna ke ne ke le teng, ka dumela polao ya hae, mme ka lebela dikobo tsa ba mmolayang.

21. Yaba Morena o re ho nna: Tloha, ke tla o romela ditjhabeng hole.

22. Ba mo mamela ho fihla polelong eo; empa jwale, ba phahamisa mantswe a bona, ba re: Motho ya jwalo a tloswe lefatsheng; hobane ha a tshwanela ho phela.

23. Ba howa, ba hlobola dikobo tsa bona, ba kubisetsa lerole sebakeng.

24. Yaba molaodi wa sekete o laela hore a iswe qhobosheaneng, a re, a botswe ka ho shapuwa, hore a tle a tsebe lebaka leo ba mo howellang lona.

25. Eitse ha ba mo tlamile ka marapo, Pauluse a re ho molaodi wa lekgolo ya emeng moo: Hleka le na le tokelo ya ho shapa motho wa Roma, a eso ho ahlolwe na?

26. Yare ha molaodi wa lekgolo a utlwa hoo, a ya bolella molaodi wa sekete, a re: O iponele ho seo o ya se etsa; hobane motho eo ke Moroma.

27. Yaba molaodi wa sekete o tla ho Pauluse, mme a re ho yena: Ako mpolelle hore na o fela o le Morena na? A re: E, ke yena.

28. Molaodi wa sekete a re: Seboko seo ke itheketse sona ka theko e kgolo. Pauluse a re: Nna, ke se tswaletswe.

29. Yaba ba neng ba ya mmotsa ka ho mo shapa, ba phakisa ba tloha ho yena, mme molaodi wa sekete le yena a tshaba, ha a utlwa hore ke Moroma, kahobane a ne a mo tlamile.

30. Ka hosasane, kahobane a ne a rata ho tseba ruri seo Bajuda ba mo qosang ka sona, a mo tlamolla, mme a laela hore baprista ba baholo le ba lekgotla kaofela ba bokane, a ntoo tlisa Pauluse, a mmea pela bona.

Diketso 22