13. a tla ho nna, e ema pela ka, a mpolella, a re Saule, ngwaneso, tutuboloha. Mme ka yona nako eo ka mmona.
14. A re: Modimo wa bontata rona o ikgethetse wena ho tseba thato ya wona, le ho bona Ya lokileng, le ho utlwa lentswe la molomo wa hae.
15. Hobane o tla ba paki ya hae pela batho bohle, ho tiisa tseo o di boneng, le tseo o di utlwileng.
16. Mme jwale, o diehetseng? Ema, o kolobetswe, mme o hlatsuwe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.
17. Yare mohla ke kgutletseng Jerusalema, ha ke ntse ke rapela tempeleng, ka hapuwa ke Moya.
18. Ka bona Morena a mpolella, a re: Phakisa o tlohe Jerusalema kapele; hobane ba ke ke ba amohela polelo eo o mpolelang ka yona.
19. Ka re: Morena, ba tseba haholo hobane ke nna ya neng a kenya teronkong, a shapa le masinagogeng ba dumetseng ho wena.
20. Le mohla ho neng ho tshollwa madi a Setefane, paki ya hao, le nna ke ne ke le teng, ka dumela polao ya hae, mme ka lebela dikobo tsa ba mmolayang.
21. Yaba Morena o re ho nna: Tloha, ke tla o romela ditjhabeng hole.
22. Ba mo mamela ho fihla polelong eo; empa jwale, ba phahamisa mantswe a bona, ba re: Motho ya jwalo a tloswe lefatsheng; hobane ha a tshwanela ho phela.
23. Ba howa, ba hlobola dikobo tsa bona, ba kubisetsa lerole sebakeng.
24. Yaba molaodi wa sekete o laela hore a iswe qhobosheaneng, a re, a botswe ka ho shapuwa, hore a tle a tsebe lebaka leo ba mo howellang lona.
25. Eitse ha ba mo tlamile ka marapo, Pauluse a re ho molaodi wa lekgolo ya emeng moo: Hleka le na le tokelo ya ho shapa motho wa Roma, a eso ho ahlolwe na?
26. Yare ha molaodi wa lekgolo a utlwa hoo, a ya bolella molaodi wa sekete, a re: O iponele ho seo o ya se etsa; hobane motho eo ke Moroma.
27. Yaba molaodi wa sekete o tla ho Pauluse, mme a re ho yena: Ako mpolelle hore na o fela o le Morena na? A re: E, ke yena.