11. Mme kahobane ke ne ke sitwa ho bona ka baka la kganya ya lesedi leo, bao ke neng ke na le bona ba ntsamaisa ka letsoho, mme ka ya Damaseka.
12. Teng, Ananiase, monna ya tshabang Modimo ka mokgwa wa molao, ya hlomphuwang ke Bajuda kaofela ba ahileng Damaseka,
13. a tla ho nna, e ema pela ka, a mpolella, a re Saule, ngwaneso, tutuboloha. Mme ka yona nako eo ka mmona.
14. A re: Modimo wa bontata rona o ikgethetse wena ho tseba thato ya wona, le ho bona Ya lokileng, le ho utlwa lentswe la molomo wa hae.
15. Hobane o tla ba paki ya hae pela batho bohle, ho tiisa tseo o di boneng, le tseo o di utlwileng.
16. Mme jwale, o diehetseng? Ema, o kolobetswe, mme o hlatsuwe dibe tsa hao, ka ho rapela lebitso la Morena.
17. Yare mohla ke kgutletseng Jerusalema, ha ke ntse ke rapela tempeleng, ka hapuwa ke Moya.