Diketso 22:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Banna ba heso le bontate, mamelang jwale meitatolo ya ka ho lona.

2. Eitse ha ba utlwa hoba o bua le bona ka puo ya Seheberu, ba eketsa ho kgutsa.

3. Yaba o re: Nna, ke Mojuda, ya tswaletsweng Tarese wa Silisia; ke mpa ke holetse motseng wona maotong a Gamaliele; ka rutwa ka mokgwa o fetisisang ho ya ka molao wa bontata rona, ka ba le tjheseho ho Modimo jwaloka lona kaofela kajeno.

4. Ka ba ka hlorisa le thuto eo ho isa ho bolayeng, ka tlama banna le basadi, ka ba kenya teronkong,

5. kamoo le yena moprista e moholo a ka pakang kateng, le phutheho ya baholo kaofela; hobane ke ne ke nke le mangolo ho bona, ho a isa ho ba heso ba Damaseka, ka ba ka ya teng ho tlama ba thuto eo ba ahileng teng, le ho ba tlisa Jerusalema, hore ba otlwe.

6. Ka re ke ntse ke tsamaya, ke se ke atametse Damaseka, ka nako ya motshehare, hang ka teelwa hare ke lesedi le leholo, le tswang lehodimong.

7. Ka wela fatshe, mme ka utlwa lentswe le reng ho nna: Saule, Saule, o ntlhorisetsang na?

8. Ka araba, ka re: O mang, Morena? A re ho nna: Ke nna Jesu wa Nasaretha, eo o mo hlorisang.

9. Jwale, ba nang le nna le bona ba kile ba bona lesedi, mme ba le tshoha, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la ya buang le nna.

Diketso 22