Diketso 21:33-40 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

33. Yaba molaodi wa sekete o atamela, a mo tshwara, a laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi; a ntoo botsa hobane ke mang, le hoba seo a se entseng keng?

34. Empa ba bang ba ne ba howa ka hore, ba bang ka hore hara bongata. Mme ka hobane a ne a sitwa ho fihlela nnete ka baka la lerata, a laela hore a iswe qhobosheaneng.

35. Eitse ha a fihla methating, o ne a hlile a jerwe ke bahlabani ka baka la matla a bongata.

36. Hobane bongata jwa batho bo ne bo mo latela, bo ntse bo howa, bo re: A a bolawe!

37. Pauluse ha a se a tla kenngwa qhobosheaneng, a re ho molaodi wa sekete: Na nka dumellwa ho bua taba le wena na? Molaodi a re: Na o tseba Segerike na?

38. Na hase wena Moegepeta elwa, ya tsositseng moferefere tshiung tse fetileng, a ba a isa dihlola tse kete tse nne feelleng na?

39. Pauluse a re: Nna, ke Mojuda, motala wa Tarese, motse wa Silisia o tumileng. Ke a o kopa, o ntese, ke bue le setjhaba.

40. Eitse hobane a mo lesele, Pauluse ha a ntse a eme methating, a hwehla batho ka letsoho, mme ha ho itswe tu haholo, a bua ka puo ya Seheberu, a re:

Diketso 21