26. Yaba Pauluse o ya le banna bao, a itlhwekisa le bona ka la hosasane, a kena tempeleng, a bolela matsatsi a ho itlhwekisa ha bona moo a tla kgutla teng, ho be ho hlahiswe sehlabelo sa teboho sa e mong le e mong wa bona.
27. Eitse ha matsatsi a supileng a le lekgatheng la ho fela, Bajuda ba Asia ba mmona tempeleng; yaba ba tsosa bongata bohle, ba mo tshwara,
28. ba howa, ba re: Banna ba Iseraele, tlatsang; suna motho ya ntseng a ruta batho kaofela kahohle thuto e lwantshang setjhaba, le molao, le nqalo ena; o bile o ekeditse ka ho tlisa Bagerike tempeleng, o bile o silafaditse nqalo ena e halalelang.
29. Ya be e le kahobane ba ne ba bone Trofime wa Efese le yena hara motse; ba ne ba hloma ekaba Pauluse o mo tlisitse tempeleng.
30. Yaba motse kaofela o a ferekana; batho ba phallela hammoho; ba tshwara Pauluse, ba mo hulela kantle ho tempele, ba ntoo kwala menyako kapele.
31. Eitse ha ba batla ho mmolaya, molaodi wa lekgotla la sekete a bolellwa hore Jerusalema kaofela o ferekane.
32. A phakisa a tla le bahlabani le balaodi ba makgolo, a theohela ho bona; mme eitse ha ba bona molaodi wa sekete le bahlabani, ba lesa ho otla Pauluse.
33. Yaba molaodi wa sekete o atamela, a mo tshwara, a laela hore a tlangwe ka mahlaahlela a mabedi; a ntoo botsa hobane ke mang, le hoba seo a se entseng keng?
34. Empa ba bang ba ne ba howa ka hore, ba bang ka hore hara bongata. Mme ka hobane a ne a sitwa ho fihlela nnete ka baka la lerata, a laela hore a iswe qhobosheaneng.
35. Eitse ha a fihla methating, o ne a hlile a jerwe ke bahlabani ka baka la matla a bongata.