Diketso 21:21-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Ba boleletswe, ho thwe, o ruta Bajuda bohle ba ditjhabeng ho kgaohana le Moshe, o re, ba se ke ba bolotsa bana ba bona, mme ba se ke ba ya ka mekgwa ya bona.

22. Jwale, ho ka etswa jwang moo? Ruri bongata bo tla phutheha; hobane ba tla utlwa hoba o fihlile.

23. Ako etse hle seo re ya o bolella sona: Mona re na le banna ba bane ba itlamileng ka kano.

24. O ye le bona, o itlhwekise le bona, o ba lefelle, ba tle ba beolwe dihlooho, bohle ba tle ba tsebe kahoo, hobane ha ho na letho la tseo ba di utlwileng o bolelwa ka tsona; ba tsebe hobane le wena o ntse o bolokile molao.

25. Haele baditjhaba ba dumetseng, re ba ngoletse hoba re ahlotse hore ba se ke ba tlangwa ka tse jwalo; feela, ba tele tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe.

26. Yaba Pauluse o ya le banna bao, a itlhwekisa le bona ka la hosasane, a kena tempeleng, a bolela matsatsi a ho itlhwekisa ha bona moo a tla kgutla teng, ho be ho hlahiswe sehlabelo sa teboho sa e mong le e mong wa bona.

27. Eitse ha matsatsi a supileng a le lekgatheng la ho fela, Bajuda ba Asia ba mmona tempeleng; yaba ba tsosa bongata bohle, ba mo tshwara,

28. ba howa, ba re: Banna ba Iseraele, tlatsang; suna motho ya ntseng a ruta batho kaofela kahohle thuto e lwantshang setjhaba, le molao, le nqalo ena; o bile o ekeditse ka ho tlisa Bagerike tempeleng, o bile o silafaditse nqalo ena e halalelang.

29. Ya be e le kahobane ba ne ba bone Trofime wa Efese le yena hara motse; ba ne ba hloma ekaba Pauluse o mo tlisitse tempeleng.

30. Yaba motse kaofela o a ferekana; batho ba phallela hammoho; ba tshwara Pauluse, ba mo hulela kantle ho tempele, ba ntoo kwala menyako kapele.

31. Eitse ha ba batla ho mmolaya, molaodi wa lekgotla la sekete a bolellwa hore Jerusalema kaofela o ferekane.

Diketso 21