Diketso 21:15-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Kamora ditshiu tseo, ha re se re itokisitse, ra nyolohela Jerusalema.

16. Barutuwa ba bang ba Sesarea le bona ba ya le rona, ba re isa ha Mnasone, morutuwa wa kgale, ya tswang Sipera, eo re neng re tshwanetse ho fapohela ha hae.

17. Eitse ha re fihla Jerusalema, baena ba re amohela ka thabo.

18. Hosasane, Pauluse a ya le rona ha Jakobo; baholo bohle ba ne ba phuthehetse teng.

Diketso 21