Diketso 21:11-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Eitse hobane a tle ho rona, a nka senyepa sa Pauluse, a itlama matsoho la maoto ka sona, a re: Moya o Halalelang o bolela, o re: Monna eo senyepa sena e leng sa hae, Bajuda ba tla mo tlama jwalo Jerusalema, ba be ba mo neele matsohong a baditjhaba.

12. Jwale, ha re utlwa taba tseo, ra mo rapela, re ena le ba motse oo, hore a se ke a nyolohela Jerusalema.

13. Pauluse a mpa a araba, a re: Le etsang ha le lla jwalo, le ho tepeletsa pelo ya ka? Athe ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa e le le ho shwela lebitso la Morena Jesu Jerusalema.

14. A hana ho kgodiswa ke rona, ra ba ra kgutsa, ra re: Ho etswe se ratwang ke Morena!

15. Kamora ditshiu tseo, ha re se re itokisitse, ra nyolohela Jerusalema.

16. Barutuwa ba bang ba Sesarea le bona ba ya le rona, ba re isa ha Mnasone, morutuwa wa kgale, ya tswang Sipera, eo re neng re tshwanetse ho fapohela ha hae.

17. Eitse ha re fihla Jerusalema, baena ba re amohela ka thabo.

18. Hosasane, Pauluse a ya le rona ha Jakobo; baholo bohle ba ne ba phuthehetse teng.

19. Eitse hobane a ba dumedise, a ba phetela ka hlomahanyo tsohle tseo Modimo o di entseng ditjhabeng ka tshebetso ya hae.

20. Jwale, ha ba utlwa taba tseo, ba tlotlisa Morena; ba mpa ba re ho yena: Ngwaneso, o ka bona bongata ba dikete tsa Bajuda ba dumetseng; hape ba sa tjhesehela molao kaofela ha bona.

21. Ba boleletswe, ho thwe, o ruta Bajuda bohle ba ditjhabeng ho kgaohana le Moshe, o re, ba se ke ba bolotsa bana ba bona, mme ba se ke ba ya ka mekgwa ya bona.

22. Jwale, ho ka etswa jwang moo? Ruri bongata bo tla phutheha; hobane ba tla utlwa hoba o fihlile.

23. Ako etse hle seo re ya o bolella sona: Mona re na le banna ba bane ba itlamileng ka kano.

24. O ye le bona, o itlhwekise le bona, o ba lefelle, ba tle ba beolwe dihlooho, bohle ba tle ba tsebe kahoo, hobane ha ho na letho la tseo ba di utlwileng o bolelwa ka tsona; ba tsebe hobane le wena o ntse o bolokile molao.

Diketso 21