1. Jwale, ha re se re kgaohane le bona, ra tloha, ra toba Kose; eitse ka le hlahlamang ra be re fihla Rhode; ha re tloha teng, ra kena Patara.
2. Teng, ra fumana sekepe se fetelang Fenisia; ra kena ho sona, ra tswela pele.
3. Yare ha re hlahela sehlekehleke sa Sipera, ra se teela ka ho le letshehadi, ra leba Siria, mme ra fihla Tire; hobane sekepe se ne se tshwanela ho phahlwa teng.
4. Mme kahobane re ne re fumane barutuwa teng, ra hlola moo matsatsi a supileng; mme bona ba bolella Pauluse ka Moya, hore a se ke a nyolohela Jerusalema.
5. Ha re se re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tsamaya; ha e le bona ba re felehetsa bohle ho fihlela kantle ho motse, ba ena le basadi ba bona le bana; ra kgumama ka mangwele lebopong, ra rapela,
6. ra dumedisana, ra ntoo kena sekepeng; yaba bona ba kgutlela hae.
7. Yare hobane re tswe Tire, ra kena Ptolemaise, moo leeto la rona la sekepe le feletseng teng; yaba re dumedisa baena, ra hlola tsatsi le le leng le bona.
8. Hosasane, ra tloha, mme ra fihla Sesarea; ra kena tlung ya Filipi, moevangeli, eo e neng e le e mong wa ba supileng, mme ra dula ha hae.
9. O ne a ena le baradi ba bane, barwetsana ba porofetang.
10. Yare ha re hlotse teng matsatsi a mang, moporofeta e mong, ya bitswang Agabuse, a fihla a etswa Judea.
11. Eitse hobane a tle ho rona, a nka senyepa sa Pauluse, a itlama matsoho la maoto ka sona, a re: Moya o Halalelang o bolela, o re: Monna eo senyepa sena e leng sa hae, Bajuda ba tla mo tlama jwalo Jerusalema, ba be ba mo neele matsohong a baditjhaba.
12. Jwale, ha re utlwa taba tseo, ra mo rapela, re ena le ba motse oo, hore a se ke a nyolohela Jerusalema.
13. Pauluse a mpa a araba, a re: Le etsang ha le lla jwalo, le ho tepeletsa pelo ya ka? Athe ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa e le le ho shwela lebitso la Morena Jesu Jerusalema.
14. A hana ho kgodiswa ke rona, ra ba ra kgutsa, ra re: Ho etswe se ratwang ke Morena!