Diketso 20:24-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

24. Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.

25. Mme jwale bonang, ke a tseba hobane, haele lona kaofela, bao ke tsamaileng ke bolela Evangeli hara lona, ha ho e mong ya tla boela a bone sefahleho sa ka.

26. Ka baka leo, ke le pakela kajeno hobane ha ke na molato mading a lona bohle.

27. Hobane ha ke a ka ka tswafa ho le bolella morero wohle wa Modimo.

28. Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.

29. Hobane ke a tseba hobane, ha ke se ke tlohile, ho tla kena ho lona diphiri tse bohale, tse sa tlong ho qenehela mohlape;

30. le hobane ho tla tswa hara lona batho ba tla bolela ditaba tse kgopo, ho ikgulela barutuwa.

31. Lebelang ke hona, le elellwe hobane ka dilemo tse tharo ha ke a ka ka phetsa bosiu le motshehare ho eletsa e mong le e mong wa lona ka meokgo.

32. Mme jwale, banabeso, ke le laeletsa ho Modimo, le ho lentswe la mohau wa wona, o nang le matla a ho le hahisa, le ho le nea lefa hammoho le bahalaledi bohle.

33. Ha ke a ka ka lakatsa silefera, leha e le kgauta, leha e le kobo ya e mong.

34. Mme le a tseba e le lona hobane matsoho ana a sebeditse se neng se hlokwa ke nna le ke bao ke neng ke na le bona.

35. Ke le bontshitse nthong tsohle hobane ke ka ho sebetsa jwalo ho tshwanetsweng ho thuswa bafokodi, le ho elellwa taba ya Morena Jesu, eo a e boletseng ka sebele sa hae, ha a re: Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuwa.

36. Eitse hobane a bolele taba tseo, a kgumama ka mangwele, a rapela le bona bohle.

Diketso 20