19. kamoo ke sebeleditseng Morena kateng, ka boikokobetso bohle, le ka meokgo e mengata, le ka meleko e ntlhahetseng ka baka la merero ya Bajuda;
20. le kamoo ke sa kang ka pata taba kateng, leha e le nngwe, ya tse le tshwanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontsheng le ka matlung a lona;
21. ke ntse ke kgothaletsa Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo, le ho dumela ho Jesu Kreste, Morena wa rona.
22. Mme bonang, jwale, ke ya Jerusalema, ke tlamilwe ke Moya; empa ha ke tsebe ditaba tse tla ntlhahela teng;
23. haese hobane, motseng o mong le o mong, Moya o Halalelang o ntse o nkomela hore ditlamo le dihloriso di ntebeletse.
24. Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.
25. Mme jwale bonang, ke a tseba hobane, haele lona kaofela, bao ke tsamaileng ke bolela Evangeli hara lona, ha ho e mong ya tla boela a bone sefahleho sa ka.
26. Ka baka leo, ke le pakela kajeno hobane ha ke na molato mading a lona bohle.
27. Hobane ha ke a ka ka tswafa ho le bolella morero wohle wa Modimo.
28. Jwale, lona, hlong le itise, le dise le mohlape kaofela, oo Moya o Halalelang o le beileng balebedi ba wona, ho alosa kereke ya Modimo eo o ithuetseng yona ka madi ao e leng a wona ka sebele.
29. Hobane ke a tseba hobane, ha ke se ke tlohile, ho tla kena ho lona diphiri tse bohale, tse sa tlong ho qenehela mohlape;
30. le hobane ho tla tswa hara lona batho ba tla bolela ditaba tse kgopo, ho ikgulela barutuwa.
31. Lebelang ke hona, le elellwe hobane ka dilemo tse tharo ha ke a ka ka phetsa bosiu le motshehare ho eletsa e mong le e mong wa lona ka meokgo.