10. Empa Pauluse a theoha, a inama hodima hae, a mo hamarela, a re: Se tshoheng, hobane moya wa hae o sa le ka ho yena.
11. A boela a nyoloha, a ngwatha bohobe, mme eitse hobane ba je, a boela a ba kgothatsa, ha ba ha esa, a ntoo tloha.
12. Mme ba boya le mohlankana eo a phela, mme ba tshediswa haholo ke hoo.
13. Haele rona, ra kena sekepeng, ra sesisetsa Asone, moo re neng re tshwanetse ho teana le Pauluse; hobane o ne a laetse jwalo, ka ho re, yena o tla tsamaya ka maoto.
14. Eitse hobane re boele re teane Asone, ra mo nka, ra ya le yena Mitilene.
15. Ha re tloha teng ka sekepe, hosasane ra fihla mabapa le Kio; ka le hlahlamang ra tshwara lebopo la Samose; yare hobane re dule hanyenyane Trogillo, ka le hlahlamang ra fihla Mileta.
16. Pauluse o ne a rerile ho feta Efese, a tle a se ke a dieha Asia; kahobane a ne a itlhahanetse, a tle a be Jerusalema ka tsatsi la Pentekonta, haekaba ho ka etswa jwalo.
17. Ha a se a le Mileta, a romela Efese ho ya bitsa baholo ba kereke.
18. Eitse hobane ba fihle ho yena, a re ho bona: Le tseba mokgwa oo ke nnileng ka etsa ka wona hara lona, haesale ke fihla Asia;
19. kamoo ke sebeleditseng Morena kateng, ka boikokobetso bohle, le ka meokgo e mengata, le ka meleko e ntlhahetseng ka baka la merero ya Bajuda;
20. le kamoo ke sa kang ka pata taba kateng, leha e le nngwe, ya tse le tshwanelang; ke sa kang ka phetsa le ho le bolella le ho le ruta tsona pontsheng le ka matlung a lona;
21. ke ntse ke kgothaletsa Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo, le ho dumela ho Jesu Kreste, Morena wa rona.
22. Mme bonang, jwale, ke ya Jerusalema, ke tlamilwe ke Moya; empa ha ke tsebe ditaba tse tla ntlhahela teng;