1. Eitse hobane moferefere ona o kokobele, Pauluse a bitsa barutuwa, a ba dumedisa, a ntoo tloha, a ya Masedonia.
2. Ha a se a qetile naha eo, mme a kgothaditse baena ka dipolelo tse ngata, a ya naheng ya Bagerike.
3. A dula teng kgwedi tse tharo; mme ha a se a ya tloha ka sekepe ho ya Siria, a eletswa ho kgutla ka la Masedonia, kahobane Bajuda ba ne ba mo laletse.
4. A felehetswa ho ya fihla Asia ke Sopatere wa Berea, le Aristarke le Sekundo le Gaiuse bao e leng ba Thesalonika; le Timothea wa Derba, le Tikike, le Trofime, bao e leng ba Asia.
5. Bao ba re etella pele, ba ya re emela Troase.
6. Haele rona, ra kena sekepeng motseng wa Filipi, matsatsi a mahobe a se nang ditomoso ha a se a fetile, mme ra ya ba fihlela Troase kamora matsatsi a mahlano, ra ba ra dula teng matsatsi a supileng.
7. Ka la pele la veke, eitse ha barutuwa ba phuthehile ho ngwatha bohobe, Pauluse ha a tla tsamaya hosasane, a buisana le bona, a isa halelele, ya ba ya eba bosiu bo boholo.
8. Athe dilampi di ne di le ngata tlung eo e kahodimo moo re neng re phuthehetse teng.
9. Pauluse ha a ntse a isa halelele, mohlankana ya bitswang Eutike, ya neng a dutse sefensetereng, a tshwarwa ke boroko bo boholo, mme ha a se a hlotswe ke boroko, a wela fatshe a le tlung eo e kahodimo, e leng ya boraro, a ba a nkwa a shwele.