Diketso 2:9-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Rona bohle Bapartha, Bamede, Baelame, le ba ahileng Mesopotamia, le Judea, le le Kapadosia, le Ponto, le Asia,

10. le Frigia, le Pamfilia, le Egepeta, le dinaha tsa Libia tse bapileng le Sirene, le ba jakileng Roma, kapa e leng Bajuda, kapa e leng baproselite;

11. Bakreta, le Baarabia, kaofela ha rona re ba utlwa jwang ba bolela dimakatso tsa Modimo ka puo tsa rona?

12. Ba ne ba hlollwa bohle, ba nahana, ba botsana, ba re: Na taba eo ekaba keng?

13. Empa ba bang ba soma, ba re: Ba kgotshe veine e tswai.

14. Yaba Petrose o ema le ba leshome le motso o mong, a phahamisa lentswe, a bua, a re: Banna ba Judea, le lona bohle ba aheletseng Jerusalema, tsebang, mme le mamele ditaba tsa ka hantle.

15. Batho bana ha ba tahwa jwalokaha le lekanya; etswe e sa le hora ya boraro ya letsatsi.

16. Empa hona ke taba e neng e bolelwe ke moporofeta Joele, ha a re:

17. Mehleng ya bofelo, ho bolela Modimo, ke tla tshela nama yohle ka Moya wa ka; bara ba lona le baradi ba lona ba tla porofeta; ba batjha ba lona ba tla bona dipono, mme maqheku a lona a tla lora ditoro.

18. Mehleng eo, ke fela ke tla tshela bahlanka ba ka ba batona le ba batshehadi ka Moya wa ka, mme ba tla porofeta.

19. Ke tla etsa mehlolo hodimo lehodimong, le meeka tlase lefatsheng, madi, le mollo, le mouwane wa mosi.

20. Letsatsi le tla fetolwa lefifi, le kgwedi e fetolwe madi, tsatsi la Morena le leholo, le kganyang, le eso ho tle.

Diketso 2