Diketso 2:43-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

43. Tshabo ya wela batho bohle, mme mehlolo le meeka e mengata ya nna ya etswa ke baapostola.

44. Bohle ba dumetseng ba ne ba dula hammoho; ba ne ba teanya dintho tsa bona kaofela hore e be tsa bohle.

45. Ba ne ba rekisa ka masimo a bona le ka mesebetsi ya bona, mme ba ne ba abela, bohle, kamoo e mong le e mong a hlokang kateng.

46. Ba ne ba tiisetsa tempeleng ka matsatsi wohle, ba le pelo e le nngwe; enereha ba etswa tlung e nngwe, ba ne ba kena ho e nngwe, ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ne ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka dipelo tse monate,

47. ba boka Modimo, mme ba kgahlisa setjhaba kaofela. Mme Morena a nna eketsa kereke ka tsatsi le leng le le leng ka batho ba bolokehang.

Diketso 2