29. Banna ba heso, ha nke ke le bolelle phatlalatsa hore mopatriareka Davida o ne a shwe, a ba a patwa; mme lebitla la hae le sa ntse le le teng hara rona ho fihela letsatsi la kajeno.
30. Empa erekaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hobane Modimo o mmaletse ka kano hore Kreste, ka nama, o tla tswa mofuteng wa hae, a be a dule teroneng ya hae;
31. ka ho iponela hoo pele, o boletse tsoho ya Kreste, a re, moya wa hae o ke ke wa tlohelwa nqalong ya bafu, le nama ya hae e ke ke ya bona ho bola.
32. Modimo o tsositse Jesu eo; mme rona kaofela re dipaki tsa taba eo.
33. Eitse hobane a phahamisetswe letsohong le letona la Modimo, mme a nke pallo ya Moya o Halalelang ho Ntatae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utlwang jwale.
34. Hobane Davida ha a ka a nyolohela mahodimong, empa ke yena ya itseng: Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona,
35. ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.
36. Ka baka leo, ntlo yohle ya Iseraele e ke e tsebe kannete, hobane Jesu eo le mo thakgisitseng, Modimo o mo entse Morena le Kreste.
37. Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo, mme ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa jwang?
38. Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobeletswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o Halalelang.
39. Hobane pallo eo e etseditswe lona, le bana ba lona, le ba leng hole kaofela, ba sa tlang ho bitswa ke Morena, Modimo wa rona.
40. A tiisa ka ditaba tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re: Ipolokeng mofuteng ona o kgopo.
41. Yaba ba amohetseng polelo ya hae ka thabo ba kolobetswa, mme barutuwa ba ekeletswa tsatsing leo ka batho ba dikete tse batlileng ho ba tharo.
42. Ba ne ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya boena, le ho ngwathweng ha bohobe, le merapelong.
43. Tshabo ya wela batho bohle, mme mehlolo le meeka e mengata ya nna ya etswa ke baapostola.
44. Bohle ba dumetseng ba ne ba dula hammoho; ba ne ba teanya dintho tsa bona kaofela hore e be tsa bohle.
45. Ba ne ba rekisa ka masimo a bona le ka mesebetsi ya bona, mme ba ne ba abela, bohle, kamoo e mong le e mong a hlokang kateng.