24. Modimo o mo tsositse, wa mo lokolla ditlamong tsa lefu, kahobane ho ne ho se kamoo a ka tiiswang kateng, ke lona ruri.
25. Hobane Davida ha a mmolela, o itse: Ke beile Morena kamehla pela mahlo a ka, hobane o letsohong la ka le letona, ke tle ke se ke ka sisinngwa.
26. Pelo ya ka e thabile ke hona, le leleme la ka le nyakaletse; esita le yona nama ya ka e tla phomola ka tshepo.
27. Hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu; mokgethwa wa hao o ke ke wa mo lesa hore a bone ho bola.
28. O ntsebisitse tsela ya bophelo; o tla nkgorisa ka thabo e tswang sefahlehong sa hao.
29. Banna ba heso, ha nke ke le bolelle phatlalatsa hore mopatriareka Davida o ne a shwe, a ba a patwa; mme lebitla la hae le sa ntse le le teng hara rona ho fihela letsatsi la kajeno.
30. Empa erekaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hobane Modimo o mmaletse ka kano hore Kreste, ka nama, o tla tswa mofuteng wa hae, a be a dule teroneng ya hae;
31. ka ho iponela hoo pele, o boletse tsoho ya Kreste, a re, moya wa hae o ke ke wa tlohelwa nqalong ya bafu, le nama ya hae e ke ke ya bona ho bola.
32. Modimo o tsositse Jesu eo; mme rona kaofela re dipaki tsa taba eo.
33. Eitse hobane a phahamisetswe letsohong le letona la Modimo, mme a nke pallo ya Moya o Halalelang ho Ntatae, o qhatsitse seo le se bonang, le se utlwang jwale.
34. Hobane Davida ha a ka a nyolohela mahodimong, empa ke yena ya itseng: Morena o itse ho Morena wa ka: Dula ka letsohong la ka le letona,
35. ke be ke bee bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao.