Diketso 2:19-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Ke tla etsa mehlolo hodimo lehodimong, le meeka tlase lefatsheng, madi, le mollo, le mouwane wa mosi.

20. Letsatsi le tla fetolwa lefifi, le kgwedi e fetolwe madi, tsatsi la Morena le leholo, le kganyang, le eso ho tle.

21. Mme e mong le e mong ya tla rapela lebitso la Morena o tla bolokeha.

22. Banna ba Iseraele, utlwang taba tsena: Jesu wa Nasaretha, monna eo le mo supisitsweng ke Modimo ka diketso tse matla, le ka meeka, le ka mehlolo eo Modimo o e entseng ka yena hara lona, jwalokaha le tseba le lona,

23. o teletswe lefu ka morero o tiileng wa Modimo, le ka ho itsebela pele ha wona, mme le mo thakgisitse ka matsoho a bakgopo, le mmolaile.

24. Modimo o mo tsositse, wa mo lokolla ditlamong tsa lefu, kahobane ho ne ho se kamoo a ka tiiswang kateng, ke lona ruri.

25. Hobane Davida ha a mmolela, o itse: Ke beile Morena kamehla pela mahlo a ka, hobane o letsohong la ka le letona, ke tle ke se ke ka sisinngwa.

26. Pelo ya ka e thabile ke hona, le leleme la ka le nyakaletse; esita le yona nama ya ka e tla phomola ka tshepo.

27. Hobane o ke ke wa tlohela moya wa ka nqalong ya bafu; mokgethwa wa hao o ke ke wa mo lesa hore a bone ho bola.

28. O ntsebisitse tsela ya bophelo; o tla nkgorisa ka thabo e tswang sefahlehong sa hao.

Diketso 2