1. Letsatsi la Pentekonta ha le se le fihlile, ba ne ba dutse bohle nqalong e le nngwe, ba le kgopolo e le nngwe.
2. Jwale hang, ha utluwa modumo o tswang lehodimong, o kang wa moya o fokang ka sefefo; ntlo yohle eo ba dutseng ho yona ya tlala wona;
3. maleme a arohaneng, a kang malakabe a mollo, a ba hlahela, a dula hodima e mong le e mong wa bona.
4. Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o ba buisang kateng.
5. Ho ne ho le Bajuda ba aheletseng Jerusalema, banna ba tshabang Modimo, ba tswang ditjhabeng tsohle tse tlasa lehodimo.
6. Yare hobane modumo oo o utluwe, ha bokana batho ba bangata hammoho, mme ba tshoha, kahobane e mong le e mong a ne a ba utlwa ba bua puo e leng ya habo.
7. Ba ne ba hlollwa bohle, ba makala, mme ba ne ba botsana, ba re: Bonang, bao ba buang na hase Bagalelea kaofela ha bona na?
8. Ho ya kang ha re ba utlwa ba bua puo eo e mong le e mong wa rona a tswaletsweng ho yona?
9. Rona bohle Bapartha, Bamede, Baelame, le ba ahileng Mesopotamia, le Judea, le le Kapadosia, le Ponto, le Asia,