Diketso 19:8-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Pauluse a kena sinagogeng, a bua a sa tshabe, a fetolana le Bajuda ka dikgwedi tse tharo, a ba kgodisa tabeng tsa mmuso wa Modimo.

9. Ba bang ha ba ithatafatsa, mme ba hana ho dumela, ba nyatsa le tsela ya Morena pela bongata, a tloha ho bona, a kgetha barutuwa, a ntoo ruta ka matsatsi wohle sekolong sa e mong ya bitswang Tirano.

10. Taba tseo tsa nna tsa eba jwalo ka dilemo tse pedi, bohle ba ahileng Asia ba ba ba utlwa lentswe la Morena Jesu, Bajuda le Bagerike.

11. Modimo wa nna wa etsa mehlolo e makatsang ka matsoho a Pauluse.

12. Esita dituku le masela a neng a amile mmele wa hae, a ne a bewa hodima ba kulang, mme malwetse a ne a ba tlohela, le meya e mebe e ne e tswa ho bona.

13. Yaba Bajuda ba bang, e leng dingaka tse reng di ntsha batemona, tse sollang hohle, ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba kenweng ke meya e mebe, ba re: Re a le laela ka Jesu ya bolelwang ke Pauluse.

14. Ba etsang hoo ba ne ba supile, e le bara ba Mojuda Skefa, moprista e moholo.

15. Empa moya o mobe wa ba araba, wa re: Jesu, ke a mo tseba, ke tseba le Pauluse; empa lona, le bomang?

16. Yaba motho eo motemona a leng ho yena, o itihela hodima bona, a ba beta, a ba etsa hampe, ba ba ba baleha tlung eo, ba hlobotse, ba le maqeba.

17. Taba eo ya tsejwa ke Bajuda kaofela le Bagerike ba ahileng Efese; ba welwa bohle ke tshabo, mme lebitso la Morena Jesu la tlotliswa.

Diketso 19