21. Kamora tseo, Pauluse a rera, ka kgopotso ya Moya, ho ya Jerusalema, ka tsela ya Masedonia le ya Akaea, a re: Etlare ha ke ile teng, e ka kgona ke bone le Roma.
22. Yaba o romela Masedonia, ba babedi ho ba mo tlatsang, e le Timothea le Eraste; haele yena, a hlola Asia matsatsi a mang.
23. Empa mehleng eo, moferefere o moholoholo wa hlaha bakeng sa Tsela ya Morena.
24. Hobane setei se seng sa silefera, se bitswang Demetriuse, se sebetsang ditempelana tsa Diana tsa silefera, se ne se ruisa haholo ba sebetsang mosebetsi oo;
25. sa ba bokella hammoho le ba bang ba mesebetsi e tshwanang le oo, sa re ho bona: Banna, le a tseba hobane mosebetsi wona ke leruo la rona.
26. Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.
27. Kotsi ya taba eo, hase feela hore mosebetsi wa rona o tla nyediseha; empa le yona tempele ya mofumahadi Diana, modimo o moholo, e tla etswa lefeela; mme yena ka sebele ya hlomphuwang ke Asia kaofela le lefatshe lohle o tla timellwa ke kganya ya hae.
28. Yare ha ba utlwa hoo, ba tlala bohale, ba howa, ba re: O moholo, Diana wa Baefese!
29. Motse kaofela wa ba wa tlala moferefere; ba phallela theatereng hammoho hobane ba tshware Gaiuse le Aristarke, banna ba Masedonia, balekane ba Pauluse.
30. Pauluse o ne a rata ho hlaha pela setjhaba, empa barutuwa ba mo thibela.
31. Le ba baholo ba bang ba Asia, bao e leng metswalle ya hae, ba romela ho yena, ba rapela hore a se ke a hlaha theatereng.
32. Haele batho, ba bang ba ne ba howa ka hore, ba bang ka hore; hobane e ne e le pokano e moferefere, mme bongata jwa bona bo ne bo sa tsebe seo bo se bokanetseng.
33. Jwale ba ntsha Aleksandere hara bongata, a sutuletswa pele ke Bajuda; Aleksandere a hwehla ka letsoho, a rata ho ikarabela ho setjhaba.
34. Empa yare ha ba bona hobane ke Mojuda, ba howa kaofela ka lentswe le le leng, ka hora tse batlileng ho ba pedi, ba re: O moholo Diana wa Baefese!
35. Yaba mongodi wa motse o kgutsisa bongata, a re: Banna ba Efese, ke ofe motho ya sa tsebeng hobane motse wa Baefese ke mmoloki wa tempele ya Diana, modimo o moholo, le wa setshwantsho sa hae se weleng ho Jupitere?
36. Haele mona ditaba tseo di se na ho latolwa, e ka kgona le kgutse lerata, mme le se ke la etsa letho ka potlako.
37. Hobane banna bao le ba tlisitse mona, athe hase banyefodi, leha e le basebi ba modimo wa lona.
38. Ha ekaba Demetriuse le ba sebetsang le yena, ba ena le tseko le e mong, lekgotla le bulehile, le baahlodi ba teng; ha ba ke ba isane nyeweng.
39. Ekare ha le ena le taba e nngwe eo le e tsekang, e ka ahlolwa phuthehong e nang le tshwanelo.
40. Hobane re se re ikentse tsietsing ya ho botswa moferefere wa kajeno, haele mona ho se taba eo re ka itatolang ka yona bakeng sa pokano ena.