Diketso 19:2-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. A re ho bona: Na le amohetse Moya o Halalelang, mohla le dumelang na? Yaba ba re ho yena: Ha re eso ho utlwe hore Moya o Halalelang o teng.

3. A re ho bona: Le kolobeditswe ka kolobetso efe na? Ba re: Ka kolobetso ya Johanne.

4. Pauluse a re: Efela Johanne o kolobeditse ka kolobetso ya pako, a bolella batho hore ba dumele ho ya tlang kamora hae, e leng Jesu Kreste.

5. Eitse ha ba utlwa hoo, ba kolobetswa lebitsong la Morena Jesu.

6. Yare ha Pauluse a ba beile matsoho, Moya o Halalelang wa tla hodima bona, ba bua dipuo, mme ba porofeta.

7. Banna bao bohle e ne e batla ho ba ba leshome le metso e mmedi.

8. Pauluse a kena sinagogeng, a bua a sa tshabe, a fetolana le Bajuda ka dikgwedi tse tharo, a ba kgodisa tabeng tsa mmuso wa Modimo.

9. Ba bang ha ba ithatafatsa, mme ba hana ho dumela, ba nyatsa le tsela ya Morena pela bongata, a tloha ho bona, a kgetha barutuwa, a ntoo ruta ka matsatsi wohle sekolong sa e mong ya bitswang Tirano.

10. Taba tseo tsa nna tsa eba jwalo ka dilemo tse pedi, bohle ba ahileng Asia ba ba ba utlwa lentswe la Morena Jesu, Bajuda le Bagerike.

11. Modimo wa nna wa etsa mehlolo e makatsang ka matsoho a Pauluse.

12. Esita dituku le masela a neng a amile mmele wa hae, a ne a bewa hodima ba kulang, mme malwetse a ne a ba tlohela, le meya e mebe e ne e tswa ho bona.

13. Yaba Bajuda ba bang, e leng dingaka tse reng di ntsha batemona, tse sollang hohle, ba leka ho bitsa lebitso la Morena Jesu hodima ba kenweng ke meya e mebe, ba re: Re a le laela ka Jesu ya bolelwang ke Pauluse.

14. Ba etsang hoo ba ne ba supile, e le bara ba Mojuda Skefa, moprista e moholo.

15. Empa moya o mobe wa ba araba, wa re: Jesu, ke a mo tseba, ke tseba le Pauluse; empa lona, le bomang?

16. Yaba motho eo motemona a leng ho yena, o itihela hodima bona, a ba beta, a ba etsa hampe, ba ba ba baleha tlung eo, ba hlobotse, ba le maqeba.

17. Taba eo ya tsejwa ke Bajuda kaofela le Bagerike ba ahileng Efese; ba welwa bohle ke tshabo, mme lebitso la Morena Jesu la tlotliswa.

18. Ba bangata ba dumetseng ba tla, ba ipolela le ho pepesa diketso tsa bona.

19. Le ba bangata ba neng ba tshepile ditaba tsa bonohe, ba tlisa dibuka tsa bona, ba di tjhesa pela bohle; ha ho lekanngwa theko ya tsona, ha fihlelwa hoba e lekane le ditjhelete tsa silefera tse dikete tse mashome a mahlano.

Diketso 19