14. Ba etsang hoo ba ne ba supile, e le bara ba Mojuda Skefa, moprista e moholo.
15. Empa moya o mobe wa ba araba, wa re: Jesu, ke a mo tseba, ke tseba le Pauluse; empa lona, le bomang?
16. Yaba motho eo motemona a leng ho yena, o itihela hodima bona, a ba beta, a ba etsa hampe, ba ba ba baleha tlung eo, ba hlobotse, ba le maqeba.
17. Taba eo ya tsejwa ke Bajuda kaofela le Bagerike ba ahileng Efese; ba welwa bohle ke tshabo, mme lebitso la Morena Jesu la tlotliswa.
18. Ba bangata ba dumetseng ba tla, ba ipolela le ho pepesa diketso tsa bona.
19. Le ba bangata ba neng ba tshepile ditaba tsa bonohe, ba tlisa dibuka tsa bona, ba di tjhesa pela bohle; ha ho lekanngwa theko ya tsona, ha fihlelwa hoba e lekane le ditjhelete tsa silefera tse dikete tse mashome a mahlano.
20. Lentswe la Morena la nna la ata jwalo, la sebetsa ka matla.
21. Kamora tseo, Pauluse a rera, ka kgopotso ya Moya, ho ya Jerusalema, ka tsela ya Masedonia le ya Akaea, a re: Etlare ha ke ile teng, e ka kgona ke bone le Roma.
22. Yaba o romela Masedonia, ba babedi ho ba mo tlatsang, e le Timothea le Eraste; haele yena, a hlola Asia matsatsi a mang.
23. Empa mehleng eo, moferefere o moholoholo wa hlaha bakeng sa Tsela ya Morena.
24. Hobane setei se seng sa silefera, se bitswang Demetriuse, se sebetsang ditempelana tsa Diana tsa silefera, se ne se ruisa haholo ba sebetsang mosebetsi oo;
25. sa ba bokella hammoho le ba bang ba mesebetsi e tshwanang le oo, sa re ho bona: Banna, le a tseba hobane mosebetsi wona ke leruo la rona.
26. Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.
27. Kotsi ya taba eo, hase feela hore mosebetsi wa rona o tla nyediseha; empa le yona tempele ya mofumahadi Diana, modimo o moholo, e tla etswa lefeela; mme yena ka sebele ya hlomphuwang ke Asia kaofela le lefatshe lohle o tla timellwa ke kganya ya hae.
28. Yare ha ba utlwa hoo, ba tlala bohale, ba howa, ba re: O moholo, Diana wa Baefese!
29. Motse kaofela wa ba wa tlala moferefere; ba phallela theatereng hammoho hobane ba tshware Gaiuse le Aristarke, banna ba Masedonia, balekane ba Pauluse.