7. Eitse ha a etswa teng, a kena tlung ya monna e mong ya bitswang Justuse, ya tshabang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e tshwarane le sinagoge.
8. Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa.
9. Morena a bolella Pauluse bosiu, ka pono, a re: Se tshabe, o hlo o bue, o se ke wa kgutsa;
10. hobane ke na le wena, mme ha ho e mong ya tla bea letsoho la hae ho wena ho o etsa hampe; hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.
11. Mme a hlola teng selemo se nang le dikgwedi tse tsheletseng, a ntse a ruta lentswe la Modimo hara bona.
12. Yare ha Galione e le mmusisi wa Akaea, Bajuda ba dumellana, ba tsohela Pauluse matla, mme ba mo isa kgotla,
13. ba re: Enwa o ruta batho ho sebeletsa Modimo ka mokgwa o fapaneng le molao.
14. Empa Pauluse ha a re o ahlamisa molomo wa hae, Galione a re ho Bajuda: Bajuda, holane ho tsekwa taba e kgopo, leha e le ketso e nngwe ya bolotsana, nka be ke tshwanela ho le emela.
15. Empa ha ho tsekwa taba ya mantswe, le ya mabitso, le ya molao o ho lona, le tla iponela teng le nnotshi; hobane nna, ha ke rate ho ba moahlodi wa taba tse jwalo.
16. A ba a ba leleka kgotla.
17. Yaba Bagerike kaofela ba tshwara Sosthene, mmusi wa sinagoge ba mo otla pela lekgotla, mme Galione a se ke a tsotella letho la tseo.
18. Pauluse a boela a hlola teng matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a ya Siria ka sekepe, a ena le Priscila le Akila, a ikutisitse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a itlamile ka kano.
19. Ha a fihla Efese, moo a neng a tla ba tlohela teng, a kena sinagogeng, a fetolana le Bajuda.
20. Ba mo rapela hore a boele a dule ditshiuana le bona, empa a se ke a dumela.
21. A mpa a ba dumedisa, a re: E ka kgona mokete o tlang ke o je Jerusalema; ke tla boela ke kgutlele ho lona, ha Modimo o dumela. Mme a tloha Efese.
22. Eitse ha a tswile sekepeng Sesarea, a nyolohela Jerusalema, a dumedisa kereke, a ntoo theohela Antioke.
23. Yare ha a hlotse teng matsatsi a mang, a tloha, a etela ka hlomahanyo dinaha tsa Galatia le tsa Frigia, a ntse a tiisa barutuwa kaofela.