6. Empa ha ba hana, mme ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima lihlooho tsa lona; haele nna, ke hlwekile bakeng sa wona; ho tloha jwale, ke ikela ho baditjhaba.
7. Eitse ha a etswa teng, a kena tlung ya monna e mong ya bitswang Justuse, ya tshabang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e tshwarane le sinagoge.
8. Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa.
9. Morena a bolella Pauluse bosiu, ka pono, a re: Se tshabe, o hlo o bue, o se ke wa kgutsa;
10. hobane ke na le wena, mme ha ho e mong ya tla bea letsoho la hae ho wena ho o etsa hampe; hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.
11. Mme a hlola teng selemo se nang le dikgwedi tse tsheletseng, a ntse a ruta lentswe la Modimo hara bona.
12. Yare ha Galione e le mmusisi wa Akaea, Bajuda ba dumellana, ba tsohela Pauluse matla, mme ba mo isa kgotla,
13. ba re: Enwa o ruta batho ho sebeletsa Modimo ka mokgwa o fapaneng le molao.