1. Kamora tseo, Pauluse a tloha Athene, a ya Korinthe.
2. Teng, a fihlela Mojuda e mong, ya bitswang Akila, ya tswaletsweng Ponto; o ne a sa tswa tloha Italia, a ena le Prisilla, mosadi wa hae; hobane Klaude o ne a laetse hore Bajuda bohle ba tlohe Roma; mme Pauluse a tla ho bona.
3. Kahobane e ne e le motho wa mosebetsi o le mong le bona, a dula ha bona, a ntse a sebetsa; hobane mosebetsi wa bona e ne e le ho etsa ditente.
4. Empa ka matsatsi wohle a Sabatha, o ne a bolela ditaba sinagogeng, a kgodisa Bajuda le Bagerike.
5. Eitse ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Pauluse a ineela ho ruta ka pelo ya hae yohle, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.
6. Empa ha ba hana, mme ba nyefola, a hlohlora diaparo tsa hae, a re ho bona: Madi a lona a be hodima lihlooho tsa lona; haele nna, ke hlwekile bakeng sa wona; ho tloha jwale, ke ikela ho baditjhaba.
7. Eitse ha a etswa teng, a kena tlung ya monna e mong ya bitswang Justuse, ya tshabang Modimo, eo ntlo ya hae e neng e tshwarane le sinagoge.
8. Empa Krispo, mmusi wa sinagoge, le ba ntlo ya hae kaofela ba dumela ho Morena; le Bakorinthe ba bangata, ha ba utlwa Pauluse, ba dumela le bona, mme ba kolobetswa.
9. Morena a bolella Pauluse bosiu, ka pono, a re: Se tshabe, o hlo o bue, o se ke wa kgutsa;
10. hobane ke na le wena, mme ha ho e mong ya tla bea letsoho la hae ho wena ho o etsa hampe; hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.