Diketso 17:27-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

27. e le hore ba batle Morena, mohlomong ba ke ba mo phopholetse, ba mo fumane, leha a se hole ho e mong le e mong wa rona.

28. Hobane ke ka yena re utlwang, re sisinyehang, re leng teng; jwalokaha baroki ba bang ba ho lona ba itse: Re moloko wa hae ka sebele.

29. Ha re le moloko wa Modimo, ha re a tshwanela re ka lekanya hore Modimo o ka tshwana le kgauta, leha e le silefera, leha e le lejwe le betlilweng ka masene le ka kgopolo ya motho.

30. Modimo ha o se o lesitse ditshiu tseo tsa ho se tsebe hore di fete, jwale, o bolella batho bohle, naheng tsohle, hore ba bake.

31. Hobane o beile letsatsi le leng leo o tla ahlola lefatshe ka lona ka ho loka, ka monna eo o mmeetseng hoo, mme o lokiseditse bohle tshepiso ya teng ka ho mo tsosa bafung.

32. Yare ha ba utlwa taba ya tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: Re sa tla boela re o utlwe hape hodima taba eo.

33. Pauluse a tloha jwalo hara bona.

34. Empa banna ba bang ba mo kgomarela, ba dumela; hara bona ho ne ho le le Denise wa Areopago, le mosadi e mong ya bitswang Damarise, ba ena le ba bang.

Diketso 17