Diketso 17:14-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Yaba baena ba ntsha Pauluse kapele, jwaloka hoja ho uwa lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala teng.

15. Ba feleheditseng Pauluse ba mo fihlisa Athene; mme eitse hobane ba newe molaetsa o yang ho Silase le Timothea, o reng ba tle ho yena kapele, ba kgutla.

16. Pauluse ha a ntse a ba lebeletse Athene, moya wa hae wa hlabeha, kahare ho yena, ha a bona motse o ineetse tshebeletso ya medimo ya ditshwantsho.

17. O ne a fetolana sinagogeng le Bajuda le ba tshabang Modimo, a etsa jwalo le ka kgotla ka matsatsi wohle le bao a neng a teana le bona teng.

18. Yaba bafilosofe ba bang ba Baepikure le ba Bastoike ba fetolana le yena; ba bang ba ne ba re: Na mobuabui eo o reng? ba bang ba re: Eka o bolela medimo esele. E ne e le ka baka la hobane a ne a ba bolella Jesu le tsoho ya bafu.

19. Ba mo isa Areopago, ba re: Na re ke ke ra tseba thuto eo e ntjha eo o e bolelang na?

Diketso 17