1. Eitse hobane ba fete ka Amfipolise le Apolonia, ba tla Thesalonika, moo sinagoge ya Bajuda e neng e le teng.
2. Pauluse, ka temalo ya hae, a kena ho bona, mme ka Disabatha tse tharo, a fetolana le bona ka Mangolo,
3. a ntse a ba hlalosetsa le ho ba bontsha hore Kreste o ne a tshwanetse ho utlwiswa bohloko, le ho tsoha bafung; a re: Kreste eo ke yena Jesu eo ke le bolellang yena.
4. Ba bang hara bona ba dumela, ba kgomarela Pauluse le Silase, ba ena le bongata bo boholo ba Bagerike ba tshabang Modimo, le basadi ba hlomphuwang ba bangatanyana.
5. Empa Bajuda ba sa dumelang ba eba mona, mme ba tla le banna ba bang ba bolotsana, ba thotsweng mapatlelong, ba iketsa sehlopha, ba ferekanya motse; ba patela ntlo ya Jasone, mme ba batla Pauluse le Silase, ho ba isa pela setjhaba.
6. Ha ba sa ba fumane, ba hulela Jasone le baena ba bang pela babusi ba motse, ba howa, ba re: Batho bao ba ferekantseng lefatshe lohle, ba tlile le kwano;
7. Jasone o ba amohetse, athe kaofela ha bona ba etsa tse lwantshanang le ditaelo tsa Sesare, ba re, morena e mong o teng, e leng Jesu.
8. Yaba moo ba ferekanyang setjhaba le babusi ba motse ba utlwileng tseo.
9. Empa yare hobane Jasone le ba bang ba itopolle ka tebeletso, ba ba lesa, ba ya.
10. Empa bosiu, baena ba phakisa ba isa Pauluse le Silase Berea. Hobane ba fihle teng, ba kena sinagogeng ya Bajuda.
11. Bao ba fetisa ba Thesalonika ka bokgabane, ba amohela lentswe ka tjheseho e kgolo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi wohle, ho tseba hore na ditaba tseo di jwalo ruri na?
12. Ba bangata hara bona ba ba ba dumela, le basadi ba hlomphuwang ba Bagerike, le banna ba bangatanyana.
13. Empa Bajuda ba Thesalonika, yare ha ba tseba hobane lentswe la Modimo le bolelwa le Berea ke Pauluse, ba tla le teng, ba ferekanya setjhaba.
14. Yaba baena ba ntsha Pauluse kapele, jwaloka hoja ho uwa lewatleng, empa Silase le Timothea ba sala teng.
15. Ba feleheditseng Pauluse ba mo fihlisa Athene; mme eitse hobane ba newe molaetsa o yang ho Silase le Timothea, o reng ba tle ho yena kapele, ba kgutla.