Diketso 16:6-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Eitse hobane ba ye le Frigia le naha ya Galatia, Moya o Halalelang wa ba hanela ho bolela lentswe la Modimo Asia.

7. Yare ha ba fihla Misia, ba leka ho kena Bithinia; empa Moya wa Jesu o se ke wa ba dumella.

8. Eitse hobane ba haole naha ya Misia, ba theohela Troase.

9. Teng pono ya hlahela Pauluse bosiu: monna e mong wa Masedonia o ne a le teng, a eme pela hae, a mo rapela, a re: Tshelela Masedonia, o re thuse.

10. Yare ha a bone pono eo, ra itokisetsa hang ho ya Masedonia ka ho re, Morena o re bileditse teng, ho ya ba bolella Evangeli.

11. Eitse ha re tloha Troase ka sekepe, ra leba Samothrase; hosasane ra fihla Neapolise.

12. Ha re tloha teng, ra ya Filipi, e leng motse wa pele naheng ya Masedonia, hape e leng koloni ya Roma; mme ra hlola matsatsi a mang motseng oo.

13. Yare ka letsatsi la Sabatha, ra tswa motseng, ra ya pela noka, moo ho neng ho lemaletswe ho rapelwa teng, mme ha re se re dutse, ra bua le basadi ba phuthehetseng teng.

14. Mosadi e mong ya bitswang Lidia, mohwebi wa purepera, wa motse wa Thiatire, ya tshabang Modimo, a mamela; Morena a bula pelo ya hae hore a ele ditaba tse bolelwang ke Pauluse hloko.

15. Yare hobane a kolobetswe le ba ntlo ya hae, a re rapela, a re: Ha ekaba le ahlotse hore ke ya dumetseng ruri ho Morena, a le keng le tle ka tlung ya ka, le dule teng. Mme a re tiisetsa matla.

16. Ka tsatsi le leng, ha re ya thapelong, montsana e mong, ya kenweng ke moya wa Phithone, ya neng a ruisa beng ba hae haholo ka ho noha, a teana le rona.

17. A sala Pauluse le rona morao, a ntse a howa, a re: Banna bao ke bahlanka ba Modimo o hodimodimo ba re bolellang tsela ya poloko.

Diketso 16