Diketso 16:5-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Dikereke di ne di itiisa tumelong, mme di ne di anafala ka matsatsi wohle.

6. Eitse hobane ba ye le Frigia le naha ya Galatia, Moya o Halalelang wa ba hanela ho bolela lentswe la Modimo Asia.

7. Yare ha ba fihla Misia, ba leka ho kena Bithinia; empa Moya wa Jesu o se ke wa ba dumella.

8. Eitse hobane ba haole naha ya Misia, ba theohela Troase.

Diketso 16