18. A etsa jwalo ka matsatsi a mangata; empa Pauluse ha a kgathetse ke hona, a reteleha, a re ho moya: Ke o laela ka lebitso la Morena Jesu Kreste hore o tswe ho yena. Yaba o tswa ka yona nako eo.
19. Yare beng ba hae ha ba bona hobane ba senyehetswe ke tshepo ya ho rua, ba tshwara Pauluse le Silase, ba ba hulela kgotla pela babusi.
20. Ba ba hlahisa pela baahlodi, ba re: Batho bao ba Bajuda ba ferekanya motse wa rona;
21. ba ruta mekgwa eo re sa tshwaneleng ho e amohela, leha e le ho ya ka yona, kahobane re Baroma.
22. Bongata jwa ba tsohela matla, mme baahlodi ba ba haholela diaparo, ba laela hore ba shapuwe.
23. Eitse hobane ba ba ntshe maqeba a mangata, ba ba kenya teronkong, mme ba laela molebedi wa teronko ho ba lebela haholo.
24. Eo, yare hobane a laelwe jwalo, a ba kenya teronkong e kahare, mme a patisa maoto a bona ka difate.
25. Empa bosiu bo boholo, Pauluse le Silase ba ne ba rapela, ba binela Modimo difela; mme ba kwaletsweng le bona ba ne ba ba mamela.
26. Mme hang tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, metheo ya teronko ya ba ya sisinyeha; hanghang menyako kaofela ya bulwa, mme mahlaahlela a bohle a lokoloha.
27. Yaba molebedi wa teronko o tsoha borokong, mme ha a bona menyako ya teronko e butswe, a pshemola sabole ya hae, a re o a ipolaya, ka ho re, ba tlamilweng ba balehile.
28. Empa Pauluse a mo howeletsa ka lentswe le phahameng, a re: O se ke wa ipolaya, hobane re sa le mona kaofela.
29. Eitse ha a kopile lebone, a mathela teng, a itihela maotong a Pauluse le Silase, a ntse a tlakasela.
30. A ntoo ba ntshetsa ntle, a re: Benghadi, e ka kgona ke etse jwang ho bolokeha?
31. Ba re: Dumela ho Morena Jesu Kreste, mme o tla bolokeha, wena le ba ntlo ya hao!
32. Ba ntoo mmolella lentswe la Morena, le bohle ba neng ba le ka tlung ya hae.
33. A ba nka ka yona nako eo ya bosiu, a hlatswa maqeba a bona, mme a kolobetswa kapele, yena le ba ntlo ya hae kaofela.