Diketso 16:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. A ntoo ya Derba le Listra. Morutuwa o ne a le teng moo, ya bitswang Timothea, mora wa mosadi wa Mojuda ya dumetseng, ntatae empa e le Mogerike.

2. O ne a roriswa ke baena ba Listra le ba Ikone.

3. Pauluse a rata hoba a tsamaye le yena, a ba a mo nka, a mmolotsa ka baka la Bajuda ba neng ba le teng naheng tseo; hobane ba ne ba tseba kaofela hore ntatae ke Mogerike.

4. Ha ba ntse ba eya le metse, ba ne ba laela baena ho boloka melao e beilweng ke baapostola le baholo ba Jerusalema.

5. Dikereke di ne di itiisa tumelong, mme di ne di anafala ka matsatsi wohle.

Diketso 16