Diketso 15:7-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Eitse hobane ba fetolane haholo, Petrose a ema, a re ho bona: Banna ba heso, le a tseba hobane e se e le kgale Modimo o nkgethile hara rona, hore ditjhaba di utlwe lentswe la Evangeli ka molomo wa ka, mme di dumele.

8. Modimo o tsebang dipelo, o ba pakile, ka ho ba nea Moya o Halalelang, jwaloka rona.

9. Ha o a ka wa kgetha mahareng a rona le bona, hobane o hlwekisitse dipelo tsa bona ka tumelo.

10. Mme jwale, le lekelang Modimo, ka ho bea molaleng wa barutuwa joko eo bontata rona, leha e le rona, re sitilweng ho e jara,

11. athe re dumela hobane re tla bolokeha ka mohau wa Morena Jesu Kreste, jwaloka bona?

12. Yaba phutheho kaofela e a kgutsa, e a mamela Barnabase le Pauluse, ha ba bolela kamoo Modimo o entseng mehlolo kateng, ka bona le meeka e mengata hara ditjhaba.

13. Eitse hobane ba qete, Jakobo a bua, a re: Banna ba heso, mmameleng.

Diketso 15