29. e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!
30. Bao, eitse ha ba romilwe jwalo, ba ya Antioke; ba bokella bongata jwa badumedi, mme ba ba nea lengolo leo.
31. Yare hobane ba le bale, ba thaba haholo ka baka la kgothatso ya bona.
32. Juda le Silase le bona, e neng e le baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.
33. Eitse hobane ba hlole teng matsatsi a se makae, ba kgutlisetswa ke baena ka kgotso ho baapostola.
34. Leha ho le jwalo, Silase a rata ho hlola teng.
35. Haele Pauluse le Barnabase, ba hlola Antioke, ba ntse ba ruta, ba bolela lentswe la Morena, ba ena le ba bang ba bangata.
36. Eitse hobane ho fete matsatsi a se makae, Pauluse a re ho Barnabase: Ha re boeleng re etele baena ba rona metseng yohle eo re boletseng lentswe la Morena ho yona, re bone kamoo ba dutseng kateng.
37. Jwale, Barnabase o ne a rata ho nka Johanne ya reilweng Mareka.
38. Empa Pauluse o ne a lekanya hore ha ho a tshwaneleha hore ba nke le bona motho ya neng a ba tlohetse ba sa le Pamfilia, ya neng a sa ka a ya le bona mosebetsing wa bona.
39. Phapang ya hlaha ke hona, ba ba ba kgaohana. Barnabase a nka Mareka, a tshelela Sipera ka sekepe.
40. Haele Pauluse, yena a ikgethela Silase, mme a tloha, hobane a laeletswe mohaung wa Morena ke baena.
41. Mme a etela dinaha tsa Siria le tsa Silisia, a ntse a tiisa dikereke tsa teng.