22. Yaba baapostola le baholo, ba ena le kereke kaofela, ba bona hobane ho a tshwanela ha ho ka kgethwa banna hara bona, ba tla romelwa Antioke le Pauluse le Barnabase; ha kgethwa Juda, ya reilweng Barsabase, le Silase, banna ba tshepilweng hara baena.
23. Ba ba ba ngola ka bona, ba re: Re le baapostola le baholo le baena, dumelang, lona baena ba ditjhaba tsa Antioke, tsa Siria, le tsa Silisia!
24. Erekaha re utlwile hobane ba bang ba tswileng ho rona ba le tshositse ka dipolelo tsa bona, ba sisinya meya ya lona, ba re, le bolle, mme le boloke molao, athe ha re a ka ra ba laela;
25. eitse hobane re dumellane ka pelo e le nngwe, re bone tshwanelo ya ho kgetha banna, le ho ba romela ho lona, ba ena le barutuwa ba rona, Pauluse le Barnabase,
26. banna bao ba tetseng bophelo ba bona ka baka la lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.
27. Jwale, re le romela Juda le Silase, mme le bona ba tla le bolella ka molomo ditaba tsona tsena:
28. Ho hopotswe ke Moya o Halalelang le ke rona, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, haese ba ditaba tsena tse tshwanelang,
29. e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!
30. Bao, eitse ha ba romilwe jwalo, ba ya Antioke; ba bokella bongata jwa badumedi, mme ba ba nea lengolo leo.
31. Yare hobane ba le bale, ba thaba haholo ka baka la kgothatso ya bona.
32. Juda le Silase le bona, e neng e le baporofeta, ba kgothatsa baena ka dipolelo tse ngata, mme ba ba tiisa.
33. Eitse hobane ba hlole teng matsatsi a se makae, ba kgutlisetswa ke baena ka kgotso ho baapostola.
34. Leha ho le jwalo, Silase a rata ho hlola teng.