13. Eitse hobane ba qete, Jakobo a bua, a re: Banna ba heso, mmameleng.
14. Simone o le phetetse kamoo Modimo o qadileng ho etela ditjhaba kateng, hore o ikgethele hara tsona setjhaba se kgethetsweng la wona.
15. Ditaba tsa baporofeta di dumellana teng, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe:
16. Kamora tseo, ke tla boya, mme ke tla tsosa ntlo ya Davida e weleng; ke tla tsosa dithako tsa yona, ke e emise;
17. hore batho ba setseng ba batle Morena, le tsona ditjhaba kaofela, tseo lebitso la ka le rapelwang hodima tsona; ho rialo Morena ya etsang dintho tseo tsohle.
18. Haesale le ho hlaheng, Modimo o nnile wa tseba mesebetsi yohle ya wona.
19. Ke ahlola ke hona, hore baditjhaba kaofela ba sokolohelang ho Modimo, ba se ke ba kgathatswa,
20. ba mpe ba ngollwe hore ba tele ditshila tsa medimo, le bofebe le tse fenethilweng, le madi.
21. Hobane haele Moshe, haesale le mehleng ya kgale, o na le ba mmolelang metseng yohle, mme o balwa masinagogeng ka matsatsi wohle a Sabatha.
22. Yaba baapostola le baholo, ba ena le kereke kaofela, ba bona hobane ho a tshwanela ha ho ka kgethwa banna hara bona, ba tla romelwa Antioke le Pauluse le Barnabase; ha kgethwa Juda, ya reilweng Barsabase, le Silase, banna ba tshepilweng hara baena.
23. Ba ba ba ngola ka bona, ba re: Re le baapostola le baholo le baena, dumelang, lona baena ba ditjhaba tsa Antioke, tsa Siria, le tsa Silisia!
24. Erekaha re utlwile hobane ba bang ba tswileng ho rona ba le tshositse ka dipolelo tsa bona, ba sisinya meya ya lona, ba re, le bolle, mme le boloke molao, athe ha re a ka ra ba laela;
25. eitse hobane re dumellane ka pelo e le nngwe, re bone tshwanelo ya ho kgetha banna, le ho ba romela ho lona, ba ena le barutuwa ba rona, Pauluse le Barnabase,
26. banna bao ba tetseng bophelo ba bona ka baka la lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.
27. Jwale, re le romela Juda le Silase, mme le bona ba tla le bolella ka molomo ditaba tsona tsena:
28. Ho hopotswe ke Moya o Halalelang le ke rona, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, haese ba ditaba tsena tse tshwanelang,
29. e leng ho tela tse hlabetsweng medimo, le madi, le tse fenethilweng, le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka kgotso!
30. Bao, eitse ha ba romilwe jwalo, ba ya Antioke; ba bokella bongata jwa badumedi, mme ba ba nea lengolo leo.
31. Yare hobane ba le bale, ba thaba haholo ka baka la kgothatso ya bona.