1. Ba bang ba neng ba etswa Judea, ba ruta baena, ba re ho bona: Ekare ha le sa bolle ka mokgwa wa Moshe, ha le ka ke la bolokeha.
2. Pauluse le Barnabase ba fetolana le bona haholo, ba tsekisana le bona ka matla, ha ba ha rerwa hore Pauluse le Barnabase ba tla ya Jerusalema, ba ena le ba bang ba bona, ho ya botsa baapostola le baholo bakeng sa taba eo.
3. Yare ha ba romilwe jwalo ke kereke, ba ya ka la Fenisia le la Samaria, ba ntse ba bolela tshokoloho ya baditjhaba; baena kaofela ba ne ba thabela hoo haholo.
4. Yare ha ba fihla Jerusalema, ba amohelwa hantle ke kereke, le ke baapostola, le ke baholo; mme ba ba bolella tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona.
5. Yaba ba bang ba thuto ya bafarisi ba dumetseng ba ema, ba re: E ka kgona baditjhaba ba bolle, mme ba laelwe ho boloka molao wa Moshe.
6. Baapostola le baholo ba bokana ho rerisana taba eo.
7. Eitse hobane ba fetolane haholo, Petrose a ema, a re ho bona: Banna ba heso, le a tseba hobane e se e le kgale Modimo o nkgethile hara rona, hore ditjhaba di utlwe lentswe la Evangeli ka molomo wa ka, mme di dumele.
8. Modimo o tsebang dipelo, o ba pakile, ka ho ba nea Moya o Halalelang, jwaloka rona.
9. Ha o a ka wa kgetha mahareng a rona le bona, hobane o hlwekisitse dipelo tsa bona ka tumelo.