7. Le teng ba ne ba bolela Evangeli.
8. Monna e mong o ne a le teng Listra ya neng a holofetse maoto haesale a etswa popelong ya mmae, a sa tsebe ho tsamaya.
9. Yare ha a ntse a mametse Pauluse ha a bua, Pauluse a mo sheba, mme ha a bona hobane o na le tumelo ya ho fodiswa,
10. a bua ka lentswe le leholo, a re ho yena: Ema ka maoto a hao. A tlolela pele, a ba a tsamaya.
11. Yare ha bongata bo bona se entsweng ke Pauluse, ba qala ho howa ka puo ya Selikaonia, ba re: Medimo e nkile sebopeho sa batho, e theohetse ho rona.
12. Mme Barnabase ba ne ba mmitsa Jupitere, Pauluse yena, ba re, ke Merkure, kahobane e ne e le yena monga dipolelo.
13. Le yena moprista wa Jupitere, ya neng a le pela motse wa bona, a tla ka dipoho le meqhaka kgorong, a rata ho etsa mahlabelo a ena le bongata.
14. Empa baapostola, Barnabase le Pauluse, yare ha ba utlwa hoo, ba hahola diaparo tsa bona, mme ba ikakgela hara batho, ba ntse ba howa,
15. ba re: Banna le etsetsang jwalo na? Athe le rona, re batho ba fokolang jwaloka lona; re le bolella hore le lese mekgwa eo ya bosawana, le hore le sokolohele ho Modimo o phelang, o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho wona.
16. Mehleng e fetileng, o nnile wa lesa ditjhaba kaofela hore di tsamaye mekgweng ya tsona.
17. Leha ho le jwalo, ha o a ka wa phetsa ho itsebahatsa ho rona ka dipontsho, ka ho etsa batho hantle, wa re sitsa ka dipula tsa lehodimo le ka dilemo tsa nala, mme wa tlatsa dipelo tsa rona ka dijo le ka thabo.