Diketso 14:4-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Yaba bongata ba motse jwa kgaohana, ba bang ba emetse Bajuda, ba bang ba emetse baapostola.

5. Yare ha moferefere o etswa ke baditjhaba le Bajuda le babusi ba bona, hore ba ba etse hampe, le ho ba tlepetsa,

6. baapostola ha ba utlwa hoo, ba tshabela metseng e meng ya Likaonia, e leng Listra le Derba, le dinaheng tsa teng.

7. Le teng ba ne ba bolela Evangeli.

8. Monna e mong o ne a le teng Listra ya neng a holofetse maoto haesale a etswa popelong ya mmae, a sa tsebe ho tsamaya.

9. Yare ha a ntse a mametse Pauluse ha a bua, Pauluse a mo sheba, mme ha a bona hobane o na le tumelo ya ho fodiswa,

10. a bua ka lentswe le leholo, a re ho yena: Ema ka maoto a hao. A tlolela pele, a ba a tsamaya.

11. Yare ha bongata bo bona se entsweng ke Pauluse, ba qala ho howa ka puo ya Selikaonia, ba re: Medimo e nkile sebopeho sa batho, e theohetse ho rona.

Diketso 14