Diketso 14:22-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.

23. Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.

24. Ba feta ka Pisidia, ba ya Pamfilia.

25. Ba bolela lentswe Perge, ba ntoo theohela Attalia.

Diketso 14