Diketso 14:21-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Eitse hobane ba bolele Evangeli motseng oo, mme ba etse barutuwa ba bangata, ba kgutlela Listra, le Ikone, le Antioke,

22. ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.

23. Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.

24. Ba feta ka Pisidia, ba ya Pamfilia.

25. Ba bolela lentswe Perge, ba ntoo theohela Attalia.

26. Ha ba tloha teng, ba kgutlela Antioke ka sekepe, e leng moo ba neng ba laeleditswe mohaung wa Modimo, ho ya mosebetsing oo ba sa tswa o phetha.

Diketso 14