19. Yaba ho fihla Bajuda ba tswang Antioke le Ikone, ba hapella batho ho bona; yaba ba tlepetsa Pauluse, ba mo hulanyetsa kantle ho motse, ba lekanya hore o shwele.
20. Empa yare ha barutuwa ba mo teela hare, a tsoha, mme a kena motseng.Hosasane, a ikela Derba le Barnabase.
21. Eitse hobane ba bolele Evangeli motseng oo, mme ba etse barutuwa ba bangata, ba kgutlela Listra, le Ikone, le Antioke,
22. ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
23. Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.
24. Ba feta ka Pisidia, ba ya Pamfilia.
25. Ba bolela lentswe Perge, ba ntoo theohela Attalia.
26. Ha ba tloha teng, ba kgutlela Antioke ka sekepe, e leng moo ba neng ba laeleditswe mohaung wa Modimo, ho ya mosebetsing oo ba sa tswa o phetha.
27. Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba bolela tse kgolo tseo Modimo o di entseng ka bona, le kamoo o buletseng ditjhaba monyako wa tumelo kateng.
28. Mme ba hlola teng matsatsi a se makae le barutuwa.